Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 9:3 - BIBELE

3 Morena a re ho Solomone: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao, tseo o di entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena, eo o e hahileng hore e be ya ka kamehla yohle. Ke tla e lebela, ke e boulele kamehla yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jehova a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao eo o mpeetseng yona; ke halaleditse ntlo eo o e hahileng, ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla; mahlo a ke le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 9:3
30 Referencias Cruzadas  

Bosui le motsheare mahlo a hao a ke a lebele ntlo ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: ‘Nna ke tla ba teng mona.’ Ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a le sebakeng sena.”


“Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.


Setshwantsho se betlilweng sa Ashera, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema, eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumemellwa teng kamehla yohle.


Setshwantsho se betlilweng sa modimo wa bohata, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida, le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumamellwa teng kamehla yohle.


“Modimo wa ka, mahlo a hao a ke a be ntjhotjho, le ditsebe tsa hao di be lethwethwe, o utlwe dithapelo tse etsetswang sebakeng sena.


Modimo ya kgethileng Jerusalema hore a kgumamellwe teng, a ke a timetse dikgosi tsohle, le ditjhaba tsohle, tse tla kenya letsoho ho fetola kapa ho senya Tempele ena ya Modimo, e Jerusalema. “Ya laelang jwalo ke nna, Dariuse. Taelo ena e phethwe ka ho tlala.”


Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe,


Ke rata Morena, hobane o utlwile thapedi ya ka,


Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa.


wena ya utlwang thapelo. Batho bohle ba tla tla ho wena,


empa Modimo o nkutlwile, o mametse sello sa thapelo ya ka.


Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa.


“Ke tla halaletsa Tente ya Morena, le aletare, mme ke tla halaletsa Arone le bara ba hae, hore ba tle ba sebeletse e le baprista ba ka.


Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!


ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle?


Hanghang ha o qala ho rapela, ke ile ka newa taelo; jwale ke tlilo o tsebisa yona, hobane o ya ratwang haholo. Ka baka leo, mamedisisa, mme o utlwisise pono ena.


Dipane tsa banna bao ba ileng ba sitelwa bophelo ba bona di thulellwe, ho etswe dipoleiti tse tla kwahela aletare, kaha ba ile ba nyehela ka tsona kapele ho Morena. Ka baka leo, di ile tsa halalela. Tsena e tla ba sesupo ho bana ba Iseraele.”


“Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe;


Nna ke a tseba hore o nkutlwa kamehla, empa ke buile ka baka la letshwele le nteetseng hare, hore le tle le dumele hore o nthomile.”


Eaba o re: ‘Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo.


Ke naha eo Morena Modimo wa lona, a e baballang. Kamehla Morena Modimo wa lona o e beile leihlo ho tloha ha selemo se thwasa, ho fihlela ha se fela.


Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.


Haeba sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona se le hole haholo ho tloha ho lona, le ka hlaba kgomo kapa nku mehlapeng ya lona, eo Morena a le neileng yona, jwalokaha ke le laetse, mme le ka e jella kahara metse ya lona, kamoo le lakatsang kateng.


Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.


Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona.


Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios