Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 8:2 - BIBELE

2 Banna bohle ba Baiseraele ba kgobokanela ho kgosi Solomone, mohla mokete, ka kgwedi ya Mphalane, e leng kgwedi ya bosupa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho morena Salomone, ka mokete wa kgwedi ya Ethanime, e leng kgwedi ya bosupa.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 8:2
12 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, Jeroboame a etsa mokete o tshwanang le o neng o etswa naheng ya Juda, a nyehela ka mahlabelo hodima aletare. Hona a ho etsa Bethele, a etsetsa manamane ao a a bopileng mahlabelo. Hona moo Bethele a bea baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo a neng a di hahile.


Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.


Banna bohle ba Iseraele ba kgobokanela ho kgosi Solomone mohla mokete, ka kgwedi ya bosupa.


Ba keteka mokete wa maphephe, jwalokaha ho ngotswe Molaong. Ka letsatsi le leng le le leng ba etsa dinyehelo tsa setjheso, tse lekanang letsatsi ka leng, ho ya kamoo ho laetsweng kateng.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ke mokete wa maphephe, o ketekelwang Morena ka matsatsi a supileng.


Mokete wa Bajuda wa Maphephe o ne o le haufi.


Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


“Ka matsatsi a supileng, kamorao ho hoba le bokelle tse tswang diotlong tsa lona, le tse tswang ditlhotlelong tsa lona tsa veine, le tla keteke mokete wa maphephe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos