Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 6:4 - BIBELE

4 Tempele ena a e etsetsa difesetere tse nang le lesira la mapolanka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A etsetsa ntlo difensetere tse haheleditsweng ka dithupa.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 6:4
6 Referencias Cruzadas  

Bolelele ba lethule le kapele ho Tempele e ne e le dimethara tse nne le halofo, bophara ba lona e le dimethara tse robong, ho lekana le bophara ba Sehalalelo.


Maboteng a mabedi a shebaneng, ho ne ho ena le mela e meraro ya difesetere leboteng le leng le le leng. Difesetere tseo di ne di tobane hantle.


Moratuwa o tshwana le tshepe kapa namane ya kgama; mmoneng ke eo a eme kamora lerako, a shebile ka fesetere, a hlwedisa le ka diphera.


Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.


le mehohoma e di potolohang ka boraro ba tsona, dintho tsohle tse ka nqane, mmoho le menyako, di ne di manehilwe ka lehong. Le ne le manehilwe ho tloha fatshe ho ya maboteng le difesetereng.


Ka mahlakoreng a lethule ho ne ho ena le difesetere tse tshesanyane, le ditshwantsho tsa difate tsa dipalema tse betlilweng ka lehlakoreng le leng le le leng. Dikamore tse kamathoko le tsona di ne di ena le lehong le tshekaladitsweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios