Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 4:6 - BIBELE

6 Ahishare e le mookamedi wa lelapa la kgosi; Adonirame, mora wa Abada, yena e le mookamedi wa makgoba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 le Akishare, modisa wa ntlo; le Adonirame, mora Abda, molaodi wa lekgetho.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 4:6
8 Referencias Cruzadas  

Adorame yena ya eba molaodi wa makgoba. Jehoshafate, mora wa Ahilode, ya eba mongodi wa diketsahalo;


Jwale kgosi Rehoboame a roma Adorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho Baiseraele, empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka lena, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema.


Asariya, mora wa Nathane, e le mookamedi wa babusi ba ditereke; moprista Sabude, mora wa Nathane, e ne e le sephatho sa kgosi;


Solomone o ne a ena le babusi ba ditereke ba leshome le metso e mmedi naheng ya Iseraele, ba neng ba tlisetsa kgosi le lelapa la yona dijo. Mmusi ka mong o ne a ena le kgwedi eo ka yona a tlisetsang kgosi dijo.


Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere.


Jwale kgosi Rehoboame a roma Hadorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho bana ba Iseraele, empa bona ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka leo, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema.


e leng ditloholo tsa bona, tse ileng tsa sala naheng eo, tseo bana ba Iseraele ba sa kang ba di timetsa, a di fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos