Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 3:2 - BIBELE

2 Feela setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hobane ho fihlela ka nako eo, Morena o ne a eso ka a hahelwa Tempele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Batho ba ne ba ntse ba hlabela nqalong tse diphahameng, hobane mohlang oo, ntlo e be e eso ho hahelwe lebitso la Jehova.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 3:2
17 Referencias Cruzadas  

Hodima maralla wohle a phahameng, le katlasa difate tsohle tse talana, ba ikgahela dibaka tsa borapedi, ba iketsetsa difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera.


Empa dibaka tsa borapedi tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a se ke a di fedisa. Leha ho le jwalo, bophelong bohle ba hae Asa o ne a tshepahala ho Morena.


A tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha. A kgahlisa Morena. Leha ho le jwalo, dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha di a ka tsa fediswa. Setjhaba sa nna sa etsetsa dinyehelo, le ho tjhesetsa mokubetso ho tsona.


Jehoshafate a phedisana ka kgotso le kgosi ya Iseraele.


“O a tseba hore Davida, ntate, o ile a sitwa ho hahela Morena Modimo wa hae ntlo, ka baka la dira tse neng di mo futuhela kamahohle, ho fihlela ha Morena a entse hore a hlole dira tseo.


Jowashe a re ho baprista: “Tjhelete yohle, eo e leng dimpho tse abetsweng Morena, e tliswang ka Tempeleng ya Morena, e leng tjhelete eo motho ka mong a lekanyeditsweng ho e ntsha, le e lekanyeditsweng ba tlasa taolo ya hae, le tjhelete yohle eo motho a e ntshetsang Tempele ya Morena ka boithaopo;


Le hoja Asa a sa ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, naheng ya Iseraele, empa o nnile a tshepahala ka pelo ya hae yohle, ka nako yohle ya ho phela ha hae.


Leha setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, empa se ne se a etsetsa Morena Modimo wa sona.


Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


“Itlhokomeleng le se ke la nyehela ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso sebakeng sefe kapa sefe seo le se bonang.


Basetsana ba ba araba, ba re: “Se teng. Se ka mono kapele ho lona. Potlakang; se fihlile hona kajeno motseng ona, hobane hona kajeno setjhaba se ilo etsetswa sehlabelo aletareng e hodima leralla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos