Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 2:12 - BIBELE

12 Solomone a dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tsitsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Salomone o dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tiya haholoholo.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 2:12
13 Referencias Cruzadas  

Ka baka lena ako hlohonolofatse lelapa la mohlanka wa hao, hore le nne le be tlhokomelong ya hao kamehla yohle, hobane wena Morena Modimo, o tshepisitse jwalo. O ke o hlohonolofatse lelapa la mohlanka wa hao ka tlhohonolofatso ya hao kamehla yohle.”


Tsamaya, o ye ho kgosi Davida, o fihle o re ho yena: ‘Monga ka, kgosi ya ka, ha ke re o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao, wa re: “Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka?” Jwale ho tla jwang hore ebe Adoniya ke kgosi?’


ruri, jwalokaha ke ile ka o hlapanyetsa ka lebitso la Morena Modimo wa Iseraele, ka re: ‘Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka,’ ke tla fela ke phethahatse kano ena hona kajeno lena.”


Ebe jwale le nyoloha le mo setse morao, a tle, a tlo dula teroneng ya ka, e be kgosi sebakeng sa ka. Ke yena eo ke mo laetseng hore e be mmusi wa setjhaba sa Iseraele le sa Juda.”


Solomone o se a bile a dutse teroneng.


Ka taelo ya kgosi, Benaya, mora wa Jehoyada, a rutlolohela Shimei, a mmolaya. Jwale mmuso wa Solomone wa tiya.


Ha Davida a se a hodile, e se e le mobu, a bea mora wa hae Solomone hore e be kgosi ya Baiseraele.


Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo.


Ha bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka, ba latela ditemoso tseo ke ba neileng tsona, le bara ba bona ba tla dula teroneng, teroneng ya hao kamehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos