Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 16:1 - BIBELE

1 Lentswe la Morena le nyatsang Basha la fihla ho Jehu, mora wa Hanani, la re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba lentswe la Jehova le tlela Jehu, mora Hanani, bakeng sa Baesha, la re:

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 16:1
7 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa boraro Asa e le kgosi ya Juda, Basha, mora wa Ahiya, a qala ho busa Baiseraele bohle, a le Tiresa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mene.


Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.


Morena o ne a se a ile a lemosa Baiseraele le ba naha ya Juda ka baporofeta le ka dinohe, a re: “Furallang mekgwa ena ya lona e mebe, le boloke melao ya ka, le ditaelo tsa ka, ho ya kamoo ke neng ke laele bo-ntata lona kateng. Tsena ke ne ke di romele ho lona ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta.”


Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.


Diketso tse ding tsa Jehoshafate, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Jehu, mora wa Hanani, eo ditaba tsa hae di ngotsweng Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele.


O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios