Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 13:9 - BIBELE

9 Morena o ntaetse jwalo, a re: ‘O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi, kapa wa kgutla ka tsela eo o tlileng ka yona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane ke laetswe jwalo ke lentswe la Jehova, ha thwe: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi, mme o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng ka yona.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 13:9
19 Referencias Cruzadas  

Ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, ya tswang naheng ya Juda, a fihla Bethele. A fumana Jeroboame a eme pela aletare, a ntse a tjhesa mokubetso.


Ka baka leo, moporofeta a nka tsela esele, a se ke a kgutla ka eo a tlileng Bethele ka yona.


Empa moporofeta wa Modimo a re: “Nke ke ka kgutla le wena, kapa ka ya ha hao; hape nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi le wena, sebakeng sena.


Yaba moporofeta eo wa Modimo o kgutla le moporofeta wa leqheku. Ha a fihla lapeng a ja, a nwa le metsi.


Moporofeta wa Modimo a re ho kgosi: “Leha o ne o ka nnea halofo ya leruo la hao, ke ne nke ke ka ya. Nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi sebakeng sena.


Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.


pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.


Moshe a bua ho setjhaba, a re: “Ke a le rapela, tlohang ditenteng tsa banna bana ba kgopo, le se ke la ama letho leo e leng la bona, esere la timetswa ke sebe sa bona.”


Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe


Empa seo ke neng ke se bolela ke hore le se ke la tlwaelana le motho ya ipitsang modumedi, feela e le sehlola, kapa setlofa, kapa mosebeletsi wa medimo ya bohata, kapa motho ya ditlhapa, kapa letahwa, kapa senokwane. Le se ke la ba la ja le wa mofuta oo.


Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.


Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: “Tswang Babilona, lona setjhaba sa ka, esere la ba le kabelo dibeng tsa yona, kapa la fumana karolo ya dikotlo tsa yona.


Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos