Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 1:9 - BIBELE

9 Ka tsatsi le leng Adoniya a etsa mahlabelo ka dinku, le ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, a di hlabela Fikanoha, haufi le Sediba sa Rogele. A mema bana babo bohle, e leng bara ba kgosi, le banna bohle ba Juda, e leng matona a kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Adonija a hlabaka dinku le dikgomo le tse nonneng lefikeng la Sohelethe, le pela Ene-Rogele, a bitsa banababo bohle bao e leng bara ba morena, le banna bohle ba Juda, bahlanka ba morena.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 1:9
9 Referencias Cruzadas  

Bo-Jonathane le Ahimase ba ne ba ye ba ipate pela Sediba sa Rogele. Lekgabunyane le ne le ye le ye, le yo ba bolella ditaba, mme le bona ba ne ba ye ba ye, ba yo tsebisa kgosi, hobane ba ne ba sa tshwanela ho bonwa ba kena motseng.


O entse mahlabelo ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, le ka dinku. O bile o memile le bara bohle ba kgosi, le moprista Abiatare, le Joabe, molaodi wa mabotho, empa ha a ya mema mohlanka wa hao, Solomone.


Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: ‘Kgosi Adoniya a ke a re phelele!’


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


“Ya boela ya roma bahlanka ba bang hape, ya re: ‘Bolellang bamemuwa hore ke lokisitse mokete; dipholo le dinonneng tsa ka di se di hlabilwe, tsohle di lokile, ba tle moketeng.’


Moedi o nyolohe Debiri, ho tloha kgohlong ya Akore, ho ya leboya, o nto thinyetsa Gilegale e lebaneng le moepa wa Adumime e ka lehlakoreng le ka borwa la molatswana. Jwale o fetele metsing a Ene-Shemeshe, o yo fella Sedibeng sa Rogele.


Jwale moedi o theohele qetheng ya thaba e malebana le kgohlo ya Mora wa Hinome, e ka leboya ho kgohlo ya Refaime. Ho tloha moo o theohele kgohlong ya Hinome, lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse, o be o theohele Sedibeng sa Rogele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos