Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 1:10 - BIBELE

10 Empa a se ke a mema moporofeta Nathane, le Benaya, le bahlabani, le Solomone, ngwanabo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele moporofeta Nathane, le Benaia, le bahlabani, le Salomone ngwanabo, ha a ka a ba bitsa.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 1:10
8 Referencias Cruzadas  

Davida a tshedisa mosadi wa hae Batesheba. A kena dikobong tsa hae, a robala le yena. Batesheba a tswala mora, mme Davida a mo rea lebitso la Solomone. Morena a rata Solomone.


Nathane a re ho Batesheba, mma Solomone: “Na ha o eso utlwe hore Adoniya, mora wa Hagite, e se e le yena kgosi, empa Davida, monga rona, a sa tsebe?


O entse mahlabelo ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, le ka dinku. O bile o memile le bara bohle ba kgosi, le moprista Abiatare, le Joabe, molaodi wa mabotho, empa ha a ya mema mohlanka wa hao, Solomone.


Ha e le nna, mohlanka wa hao, le moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le mohlanka wa hao Solomone, ha a a re mema.


Empa bo-moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le moporofeta Nathane, le Shimei, le Rei, le mokgetho wa bahale ba Davida, bona ba se ke ba ananela morero ona wa Adoniya.


Adoniya, mora wa Hagite, a ya ho Batesheba, mma Solomone. Batesheba a re ho yena: “Na o tla ka kgotso?” Adoniya a araba, a re: “Ke tla ka kgotso.”


Asariya, mora wa Nathane, e le mookamedi wa babusi ba ditereke; moprista Sabude, mora wa Nathane, e ne e le sephatho sa kgosi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos