Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.
Bana ke bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela. Bana ba bararo o ile a ba tswallwa ke moradi wa Shua wa Mokanana. Ere, letsibolo la hae, o ne a le kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.