Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:26 - BIBELE

26 Ha e le nna, ha ke mathe feela jwaloka hoja ha ke na sepheo; ha ke lwane ka ditebele jwaloka hoja ke fuphula moya feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ka mokgwa oo, le nna ha ke matha, ha ke mathe jwaloka hoja ke tlatselela; leha ke lwana, ha ke lwane jwaloka hoja ke otlana le moya feela:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Ka baka leo, le nna ke matha jwalo, e seng jwaloka hoja ke sa tiisehe; ke loana jwalo, e seng jwaloka ya otlang moya;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Ka baka leo, le nna ke matha jwalo, e seng jwaloka hoja ke sa tiisehe; ke loana jwalo, e seng jwaloka ya otlang moya;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:26
17 Referencias Cruzadas  

Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa.


“Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitwa.


Le ho lona ho jwalo. Motho a ka le utlwisisa jwang haeba le bolela se sa utlwahaleng hantle ka leleme lesele? Le tla be le polela kathoko ho seotlo.


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.


Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.


Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.


Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta.


Ke sona seo ke se sebeletsang ka thata, seo ke se lwanelang ka thuso ya Kreste, ya sebetsang ka matla a hae ka ho nna.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Ya kenelang phehisano ya dipapadi le yena a ke ke a fumana moqhaka wa tlholo, haeba a sa bapale ho ya ka melao ya teng.


Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo.


Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.


Kaha re sietswe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng, esere e mong wa lona a fumanwa a sitilwe ho kena.


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa.


Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong.


E ne e le hore meloko ya bana ba Iseraele e ithute ntwa, haholoholo meloko e neng e sa ka ya tseba ntwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos