Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:24 - BIBELE

24 Ha ke re le a tseba hore ba kenang dipapading tsa lebelo ba matha kaofela, empa moputso o fumanwa ke a le mong feela? Le lona mathang, le tle le iphumanele moputso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Na ha le tsebe hobane, haele ka ba mathang lephallong ho matha bohle; empa ya nkang moputso o ba mong feela? Mathang ka mokgwa oo le tlang ho o nka ka wona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Ana ha le tsebe hoba ba mathang lebelong ba matha bohle, empa ya nkang moputso ke a le mong? Mathang jwalo, le tle le rue.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ana ha le tsebe hoba ba mathang lebelong ba matha bohle, empa ya nkang moputso ke a le mong? Mathang jwalo, le tle le rue.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:24
18 Referencias Cruzadas  

Empa modumo wa tsona o anetse lefatshe lohle, polelo tsa tsona di finyeletse, di finyeletse pheletsong tsa lefatshe. Mahodimong, Modimo o hlometse letsatsi tente,


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


“Ha o ila wa kgathala o ipeisa le batho, jwale dipere o tla ipeisa jwang le tsona? Haeba o ka kgoptjwa naheng e bataletseng, mahohoding a Jorodane o ka tsamaya jwang?


Nna ke buile le baporofeta, ka ba hlahisetsa dipono, pono tse ngatangata, ka bua le bona ka ho etsa dipapiso.”


Na ha le tsebe hore ha le ineela motho ho ba makgoba a hae le ho mo mamela, le makgoba a eo le mo mamelang; e bang ke sebe se isang lefung, kapa mamelo e isang ho lokeng?


Na ha le tsebe hore ba sebetsang ka Tempeleng ba ja tseo e leng tsa Tempele, le hore ba nyehelang mahlabelo aletareng ba abelwa tsa mahlabelo ao?


Tsena tsohle ke di etsa ka baka la molaetsa o molemo, hore ke tle ke be le kabelo melemong ya wona.


Ha e le nna, ha ke mathe feela jwaloka hoja ha ke na sepheo; ha ke lwane ka ditebele jwaloka hoja ke fuphula moya feela.


Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.


Le ne le ntse le le temeng. Ke mang ya le thibetseng ho nna le latela nnete?


ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo. Ha le etsa jwalo, ke tla ithorisa ka lona mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste, hobane e tla ba ha ke a mathela lelea, ha ke a sebeletsa ntataselala.


Hase ho re ke se ke fihletse tsena tsohle, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke hwatalletse ho di hapa, hobane le nna Kreste Jesu a se a nkgapile.


Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.


Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho.


Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.


“Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos