Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:54 - BIBELE

54 Ha se bolang sena se se se apare ho se bole, mme se shwang sena se se se apere ho se shwe, ke moo ho tla phethahala polelo ya Mangolo, e reng: “Lefu le fedisitswe, la hlolelwa ruri.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

54 Mme etlare ha ho bolang hona ho apere ho sa boleng, le ho shwang hona ho apere ho sa shweng, ke moo polelo e ngodilweng e tla phetheha, e itseng: Lefu le metsitswe ke hlolo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

54 Etlare ha se bolang sena se apere ho se bole, mme se shwang sena se apara ho se shwe, ke moo ho tla phethahala polelo e ngodilweng, e reng: Lefu le metsitswe ke tlholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

54 Etlare ha se bolang sena se apere ho se bole, mme se shwang sena se apara ho se shwe, ke moo ho tla phethahala polelo e ngodilweng, e reng: Lefu le metsitswe ke tlholo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:54
12 Referencias Cruzadas  

Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.


Ba ke ke ba hlola ba eshwa hobane ba tshwana le mangeloi. Ke bana ba Modimo hobane ba tsositswe bafung.


tlotla ya Modimo ya sa shweng, ba e fetola setshwantsho sa motho ya shwang, kapa sa dinonyana, kapa sa diphoofolo, kapa sa dihahabi.


Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.


Ha ho le jwalo, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, sa etsa hore le mamele ditakatso tsa botho.


Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.


Rona ba phelang, kamehla re kotsing ya ho bolawa ka baka la Jesu, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona e shwang.


Ruri, rona ba ahileng lephepheng lena, re fehelwa ke ho imelwa, hobane ha re batle ho lahlehelwa ke lehae lena, empa re lakatsa ho fumana le leng la bobedi, hodima lona; e le hore se shwang se metswe ke bophelo.


ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotliswa ke bahalaledi ba hae, le ho babatswa ke bohle ba dumetseng. Le lona le tla ba hara bona hobane le dumetse bopaki ba rona.


Jwale Lefu le Nqalo ya Bafu tsa akgelwa letsheng la mollo. Letsha lena la mollo ke lona lefu la bobedi.


O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos