Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:42 - BIBELE

42 Le tsoho ya bafu e jwalo. Mmele o jalwa e le o bolang, o tla tsoha e le o sa boleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Ho tla ba jwalo le tsohong ya bafu. Mmele o jallwa ho boleng, o tla tsohela ho se bole;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

42 Ho joalo le ka tsoho ea bafu. O jaloa o senyehile; e tsoswa e se na ho bola.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Ho joalo le ka tsoho ea bafu. O jaloa o senyehile; e tsoswa e se na ho bola.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:42
20 Referencias Cruzadas  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


haeba ke re ho lebitla: ‘Ke wena ntate,’ ho seboko ke re: ‘O mme, o kgaitsedi,’


o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesela motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng.


Ena ke yona tsela ya ba itshepileng, ke pheletso ya ba kgotsofetseng, ba kgotsofaletseng matlotlo a bona.


Tefello ya bophelo ba motho e feta matla a hae, a ke ke a e lekana le ka mohla!


Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.


Bahlalefi ba tla phatsima jwaloka loapi la lehodimo, mme ba rutileng batho ba bangata ho etsa ho lokileng ba tla phatsima jwaloka dinaledi kamehla le mehla.


Mohlang oo ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi Mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe a utlwe.”


o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesella Motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng.


o ile a bona hona e sa le pele, mme a bua ka tsoho ya Kreste, a re: “ ‘Ha a a ka a tlohelwa Nqalong ya Bafu, le mmele wa hae ha o a ka wa bola.’


tlotla ya Modimo ya sa shweng, ba e fetola setshwantsho sa motho ya shwang, kapa sa dinonyana, kapa sa diphoofolo, kapa sa dihahabi.


Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.


le tsona dihlodilweng di tla lokollwa bokgobeng ba tshenyeho, di be le kabelo tokolohong e tlotlehang ya bana ba Modimo.


Ho na le kganya ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya dinaledi, empa le kganya ya dinaledi ha e tshwane.


Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.


le lefa le se nang ho bola, leha e le ho silafala kapa ho pona. Ke lona lefa leo le le boloketsweng lehodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios