Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:25 - BIBELE

25 hobane eka kgona Kreste a buse ho fihlela Modimo a bea dira tsohle tsa hae katlasa maoto a hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hobane e ka kgona a buse, a tle a be a bee dira tsohle katlasa maoto a hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Hobane e ka kgona a buse, ho fihlela a behile dira tsohle katlasa maoto a hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Hobane e ka kgona a buse, ho fihlela a behile dira tsohle katlasa maoto a hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:25
12 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida. Morena o itse ho Morena wa ka: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.”


Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.


“ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?’


Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.’


Davida ka boyena ha a a ka a nyolohela lehodimong, empa o re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona,


Modimo o bile o beile tsohle katlasa maoto a hae, mme ka ho mmea hodima tsohle, o mo entse hlooho ya kereke,


Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?”


o beile tsohle katlasa maoto a hae.” Ka ho bea tsohle tlasa motho, ha a a ka a siya letho leo a sa le beang tlasa hae. Hajwale ha re eso bone hore tsohle di beilwe katlasa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos