Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 12:23 - BIBELE

23 Ditho tsa mmele tseo re hopolang hore ha di hlomphehe haholo, re di hlompha ho feta; ditho tsa rona tseo re leng dihlong ka tsona, re di apesa ka hlompho e fetisisang;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mme ditho tsa mmele tseo re lekanyang hoba ha di na ho hlonephuwa, ke tsona tseo re di apesang ka hlonepho, mme ditho tsa rona tse leng mpe, ke tsona tse nang le hlompho e tlodisang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Ditho tsa mmele tseo re nahanang hore ha di hlomphehe, ke tsona tseo re di fang hlompho e fetisisang; mme ditho tsa rona tse sa kgahliseng di na le bokgabane bo fetisisang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Ditho tsa mmele tseo re nahanang hore ha di hlomphehe, ke tsona tseo re di fang hlompho e fetisisang; mme ditho tsa rona tse sa kgahliseng di na le bokgabane bo fetisisang.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 12:23
6 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena Modimo o etsetsa Adama le mosadi wa hae diaparo tsa matlalo, a ba apesa.


Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.


Esita le ditho tsa mmele tseo e kang di fokola haholo, ke tsa bohlokwa.


e leng seo ditho tsa rona tseo re seng dihlong ka tsona di sa se hlokeng. Empa Modimo o bopile mmele, a nea ditho tse eisehang hlompho e fetisisang,


Empa basadi ba tla pholoswa ka ho beleha bana, ha feela ba tiisetsa tumelong, le leratong, le kgalalelong, mme ba itlhompha.


Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos