Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:32 - BIBELE

32 Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, hore re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, hore re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:32
22 Referencias Cruzadas  

Ke tla ba ntatae, mme yena e be mora wa ka, empa haeba a ka etsa bokgopo, ke tla mo otla ka thupa e kgalemelang bana, le ka meupa eo batho ba e shapang bana ba bona.


Morena o nkgalemetse, empa ha a a ka a nneela lefu.


Le sa tla boela le otlwa hokae, ha le ntse le pheella ho mo fetohela? Hlooho yohle e se tletse maoma, mmele wohle le wona o a kula.


Empa wena o tlo re ho bona: ‘Setjhaba sena ke se sa hlompheng lentswe la Morena Modimo wa sona, se sa utlweng ha se kgalemelwa, nnete e fedile, mme ha e sa le eo melomong ya sona.’ ”


Motse ona ha o mamele keletso, kgalemelo le yona ha o e amohele; esita le Morena ha o mo tshepe, ha o ikatametse ho Modimo wa wona.


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


Hape mpho eo ha e tshwane le sebe sa motho eo a le mong, Adama, hobane kahlolo e latetseng sebe seo se le seng e bile kotlo, athe mpho ya mohau e latetseng ditshito tse ngata e bile tokafatso.


Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?


Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.


Ke ka baka leo ho nang le ba bangata hara lona, ba kulang le ba fokolang, mme ba bangata ba se ba shwele.


Hoja re ye re itlhahlobe pele, Modimo o ne a ke ke a re ahlola.


Ha ho le jwalo, bana beso, ha le phuthehela ho ja, fanang sebaka.


Tsebelang ka dipelong tsa lona hore, jwalokaha ntata a kgalemela mora wa hae, le Morena Modimo wa lona, o le kgalemela jwalo.


Hara bona ho na le Hemenaiose le Alekesandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba ithute ho se nyefole.


Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos