Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:27 - BIBELE

27 Ka baka leo, mang kapa mang ya jang bohobe ba Morena, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa lokelang, o tla be a sitelwa mmele le madi a Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ka baka leo, mang le mang ya jang bohobe boo, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa tshwanelang, o tla ba le molato wa mmele le wa madi a Morena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Ka baka leo, mang le mang ya jang bohobe bona, le ho nwa senwelo sa Morena ka mokgwa o sa tshwanelang, o tla ba le molato wa mmele le wa madi a Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ka baka leo, mang le mang ya jang bohobe bona, le ho nwa senwelo sa Morena ka mokgwa o sa tshwanelang, o tla ba le molato wa mmele le wa madi a Morena.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:27
11 Referencias Cruzadas  

“Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Haeba motho ofe kapa ofe wa lona, kapa wa leloko la lona, a ena le sesila ka baka la setopo sa motho; kapa eba o leetong, holehole, o tla nne a etsetse Morena mokete wa Paseka.


Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae.


“Kgosi ya kena ho tla bona bamemuwa, mme ya bona motho ya sa aparang seaparo sa mokete.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”


Ha le ka ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa bademona. Ha le ka ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya bademona.


Ya jang le ya nwang a sa kgetholle hore ke mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo.


Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos