Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Marena a lefatshe, le ba baholo, le barui, le balaodi, le dinatla, le bohle ba ruilweng, le bohle ba sa ruwang, ba ipata mahaheng le mafikeng a dithaba,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Dikgosi tsa lefatshe, le mahosana, le balaodi ba mabotho, le barui, le dinatla, le bohle, e ka ba makgoba kapa balokollwa, ba ipata ka mahaheng le hara mafika a dithaba.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Mme dikgosi tsa lefatshe, le ba baholo, le balaodi ba mabotho, le barui, le ba matla, le mohlanka e mong le e mong, le batho bohle ba lokolohileng, ba ipata mengoting le mafikeng a dithaba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Mme dikgosi tsa lefatshe, le ba baholo, le balaodi ba mabotho, le barui, le ba matla, le mohlanka e mong le e mong, le batho bohle ba lokolohileng, ba ipata mengoting le mafikeng a dithaba.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 6:15
19 Referencias Cruzadas  

Jwale ba utlwa lentswe la Jehova Modimo ha a tsamaya tshimong ka mantsiboya ha ho phodile. Adama le mosadi wa hae ba ipata hara difate tsa tshimo, ba tshaba sefahleho sa Jehova Modimo.


O rapalatsa boikgohomoso ba mahosana, a tshabeha ho marena a lefatshe.


Kena lefarung la lefika, o ipate leroleng, ka baka la botshabeho ba Jehova, le la kganya ya boholo ba hae.


batho ba tla balehela mafarung a mafika le mesimeng ya lefatshe, ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.


a tle a tshabele dikoting tsa mafika le mafarung a mafika ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.


Leha ho le jwalo, ke setjhaba se hapetsweng, se senyeditsweng, ba tlamilwe ka ditshepe mahaheng, ba hlahletswe diteronkong; ba neetswe ho hlakolwa dintho, mme ha ho mmoloki; ba hapilwe, mme ha ho motho ya reng: Busetsa!


Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba.


kanthebo lefatshe le ne le sa tshwanele ho ba le batho ba jwalo — ba shotile mafeelleng, le dithabeng, le mahaheng, le mekoting ya lefatshe.


Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao.


Bamidiane ba tshwenya Baiseraele haholo, bana ba Iseraele ba ba ba tshabela diqhobong tse dithabeng, le mahaheng, le diforong ke ho tshaba Bamidiane.


Eitse Baiseraele ha ba bona tsietsi eo ba leng ho yona, kahobane setjhaba se tsietswe, ba ipata mahaheng, le merung, le mafikeng, le diqhobong, le mangopeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos