Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 16:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo; metse ya ditjhaba ya heleha, mme Modimo wa hopola Babilona e moholo ho mo nwesa senwelo sa veine ya kgalefo e tukang ya wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Motse o moholo wa aroha dikoto tse tharo, mme metse ya baditjhaba ya wa. Modimo a hopola Babilona e kgolo, a e nwesa senwelo sa jwala ba kgalefo ya hae e tukang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo, mme metse ya ditjhaba ya wa, mme Babilona e moholo ya hopolwa pela Modimo, ho o nea senwelo sa veine ya bohale ba kgalefo ya wona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo, mme metse ya ditjhaba ya wa, mme Babilona e moholo ya hopolwa pela Modimo, ho o nea senwelo sa veine ya bohale ba kgalefo ya wona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:19
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla etsa hore ba o hlorisitseng ba je nama ya mmele ya bona, ba tahwe ke madi a bona, jwaloka hoja ba tahilwe ke veine e ntjha; mme nama yohle e tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki wa hao, le hobane nna Molopolli wa hao ke mohale wa Jakobo.


le marena kaofela a Leboya, a leng haufi le a leng hole, e mong le e mong, le mebuso yohle ya lefatshe e bophareng ba lefatshe; mme morena wa Sheshake (Babilona) o tla nwa kamora bona.


yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?


Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.


Yaba lengeloi le leng la a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng, le tla ho nna, la re: Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se dutseng hodima metsi a mangata;


Haele mosadi eo o mmoneng, ke motse o moholo o busang marena a lefatshe.


Ho ne ho ngodilwe phatleng ya hae lebitso le reng: Sephiri: Babilona e moholo, mma diotswa le wa manyala a lefatshe.


a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!


La howa ka lentswe le phahameng, le phepa, la re: O wele, o wele, Babilona e moholo! o fetohile moaho wa batemona, letsaba la meya yohle e ditshila, le letsaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang, tse ilwang!


Yaba lengeloi le matla le nka lejwe le ka ka lelwala le leholo, la le akgela lewatleng, la re: Ho tla akgelwa jwalo ka matla Babilona, motse o moholo, mme ha a sa tla hlola a fumanwa.


Hobane dibe tsa hae di se di kolohane ho ya fihla lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos