Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Sakaria 11:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale, ka roba thupa ya ka ya bobedi, e leng Ditlamo, ke tle ke fedise kopano mahareng a Juda le Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Jwale ka roba molamu wa ka wa bobedi, o bitswang Kutlwano; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane se pakeng tsa Juda le Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 11:14
14 Referencias Cruzadas  

Mona wa Efraime o tla fela, Juda le yena a lese ho mo qala; Efraime ha a sa tla hlola a honohela Juda, mme Juda ha a sa tla hlola a lwantsha Efraime.


Manasse o ja Efraime, Efraime o ja Manasse, ba ntoo kopana hammoho ho ja Juda. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ke tla ba etsa setjhaba se le seng lefatsheng, dithabeng tsa Iseraele. Eo e tla ba morena wa bona e tla ba morena a le mong; e ke ke ya hlola e eba tjhaba tse pedi, di ke ke tsa hlola di arohana ho etsa mebuso e mmedi.


Hobane ha ke sa tla qenehela baahi ba lefatshe, ho bolela Jehova; ke se ke tla neela batho bohle, e mong le e mong, matsohong a wa habo le matsohong a morena wa hae; ba tla otla lefatshe, mme nke ke ka ba namolela matsohong a bona.


Yaba ke alosa dinku tse bolawang, hara tsona ho le tse fokolang tsa mohlape, mme ka inkela thupa tse pedi, e nngwe ka e rea Mohau, e nngwe ka e rea Ditlamo, ka ba ka alosa mohlape.


Yaba ka re: Ha ke sa tla di alosa! E shwang e shwe; e timelang e timele; haele tse salang, a di ke di je e nngwe le e nngwe nama ya e nngwe.


Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba tla hloyana.


Mmuso ha o kgaohane ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya;


Empa ekare ha le lomana, mme le jana, iponeleng esebe la fedisana.


Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.


Hobane moo mona le kgang di leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi yohle e mebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos