Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 35:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tla ba metse e tsheletseng ya setshabelo, moo mmolai a ka balehelang teng, le be le eketse ka metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Metse eo le tla e abela Balevi e tla ba metse e tsheletseng, eo ho tla tshabelwa ho yona, eo le e abelang ba bolaileng batho, hore ba balehele ho yona, mme kantle ho ena o tla ba abela metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar




Numere 35:6
18 Referencias Cruzadas  

Jehova ke setshabelo ho ya tujwang, setshabelo sa hae mehleng ya matswalo.


Ha a na a sa mo lalle, Modimo o mpa o mo dihile ka letsoho la eo, ke tla o kgethela moo a ka balehelang teng.


Ho tla ba le tente e sirelang ho tjhesa ha kganya ya motshehare, e be setshabelo le tshirelo difefong le puleng.


Le tla lekanya kantle ho motse ditswe tse dikete tse pedi ka nqa botjhabela, le ditswe tse kete tse pedi ka nqa borwa, le ditswe tse kete tse pedi ka nqa bophirimela, le ditswe tse kete tse pedi ka nqa leboya. Motse o tla ba kahare. Naha e teelang metse ya bona hare e tla ba jwalo.


Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla!


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Bana ba moprista Aarone ba newa Hebrone le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai; le Libna le meraka ya wona;


Ba newa Sikeme le meraka ya wona, thabeng ya Efraime, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Gesere le meraka ya wona,


Bana ba Gershone ba matlo a Balevi ba newa, mothapong o mong wa leloko la Manasse, Golane, naheng ya Bashane, le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Beeshthra le meraka ya wona: metse e mmedi.


Ebile Baiseraele ba nea Balevi metse e itseng le meraka ya yona lefeng la bona, ka taelo ya Jehova.


Lelokong la Nefthali, Kedeshe wa Galelea le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Hammothe-Dore le meraka ya wona, le Karthane le meraka ya wona: metse e meraro.


Lelokong la Rubene, Betsere le meraka ya wona, le Jahtsa le meraka ya wona;


Lelokong la Gade, Ramothe-Gileade le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Mahanaime le meraka ya wona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios