Numere 35:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 a re: Lefeng leo ba tlang ho le rua, laela bana ba Iseraele ho nea Balevi metse eo ba ka ahang ho yona. Hape le tla nea Balevi naha e teelang metse eo hare. Ver CapítuloBIBELE2 “Laela bana ba Iseraele hore lefeng la bona ba abele Balevi metse eo ba tla phela ho yona; le makgulo a potapotileng metse eo o a abele Balevi. Ver Capítulo |
Moeding wa Juda, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke karolo eo le tla e arolela le ho e abela Jehova, e bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bolelele bo lekanang le karolo tse ding, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela; sehalalelo se tla ba teng mahareng a yona.