Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.
Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya fihla lefeelleng la Tsine ka kgwedi ya pele, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Miriame a shwela teng, mme a epelwa teng.
Hobane le ne le hane taelo ya ka lefeelleng la Tsine, mohla phutheho e hanyetsang, bakeng sa ho ntlotlisa pela batho ka taba ya metsi. Ke wona metsi a Meriba (kganyetso) ya Kadeshe, feelleng la Tsine.
kahobane le ntshitetswe hara bana ba Iseraele, metsing a Meriba a Kadeshe, nahathotheng ya Tsine, kamoo le sa kang la ntlotlisa kateng, hara bana ba Iseraele.