Re tliseditse Jehova nyehelo ya dintho tsa kgauta tseo e mong le e mong wa rona a di fumaneng, maqakatsa, le dipetja, le masale a menwana le a mmofa, le matjekwana, ho tle ho etsetswe meya ya rona pheko pela Jehova.
Boima ba kgauta yohle eo balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo ba e tliseditseng Jehova, ho etsa nyehelo e emiswang, ya eba dishekele tse dikete tse leshome le metso e tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mahlano.