Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 31:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Hodima halofo eo ya dintho tse neilweng bana ba Iseraele, Moshe a nka e nngwe hodima tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le diphoofolong; mme ka taelo eo a e neilweng ke Jehova, Moshe a di nea Balevi, e leng balebedi ba tabernakele ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

47 Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele, Moshe a nka motho a le mong hodima ba mashome a mahlano, le phoofolo e le nngwe hodima tse mashome a mahlano, a di nea Balevi ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:47
12 Referencias Cruzadas  

Bonang, le boke Jehova, lona bahlanka ba Jehova kaofela, ba emang le bosiu ka tlung ya Jehova!


Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.


le batho ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng.


Balaodi ba makgotla a ntwa, balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo ba atamela Moshe, mme ba re ho yena:


Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios