Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 31:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ka taelo eo Jehova a neng a mo neile yona, Moshe a nea moprista Eleasare lekgetho la Jehova ka mokgwa wa nyehelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Moshe a nea moprista Eleasare seabo seo sa Morena, jwalokaha Morena e ne a laetse Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:41
14 Referencias Cruzadas  

Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.


Ke o nea dikabelo tsohle tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisetsa Jehova ka ho di emisa, ke re, ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao ka molao o sa feleng. Ke selekane se se nang ho kgaolwa, se sa feleng pela Jehova, se entsweng le wena le ditloholo tsa hao.


Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.


batho ya eba ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng; ho bao, ba mashome a mararo a metso e mmedi ba nkelwa lekgetho la Jehova.


Haele halofo e nngwe ya kgapo, e leng ya bana ba Iseraele, e arotsweng ke Moshe ho ya bahlabani,


Dintho tse kgethelwang e tla ba tsa hae. Ntho e tlang ho iswa ho moprista e tla ba ya hae.


Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.


leha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.


Ya rutwang Lentswe a ke a qotsetse ya mo rutang mesebetsing ya hae yohle.


Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos