Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 25:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Lebitso la monna eo wa Iseraele ya hlabilweng, ya neng a bolawe le mosadi wa Midiane, e ne e le Simri, mora Salu, morena wa ntlo e nngwe ya bontata Basimeone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Lebitso la monna wa Moiseraele, ya ileng a bolawa mmoho le mosadi wa Momidiane, e ne e le Simeri, mora wa Salo, kgosana ya ntlo ya morabe wa Simeone.

Ver Capítulo Copiar




Numere 25:14
10 Referencias Cruzadas  

Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.


Ba tloha Midiane, ba tla Parane; ba nkana le banna ba bang ba Parane, ba fihla Egepeta ho Faro, morena wa Egepeta. Yena a mo nea ntlo, a mo abela dijo, a mo sehela le naha.


Haele bakeng sa meloko ya Iseraele, molaodi wa Barubene e ne e le Eliesere mora Sikri; wa Basimeone e ne e le Shefathia, mora Maaka;


Le ke le tshabe Jehova ho qala jwale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Modimo wa rona, ha a na bokgopo, ha a ye ka tshobotsi ya batho, mme ha a amohele dimpho.


Ba ngotsweng ba Simeone ya eba dikete tse mashome e mahlano a metso e robileng mono o le mong, tse nang le makgolo a mararo.


E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.


Lebitso la mosadi wa Midiane ya bolailweng, e ne e le Kosbi, moradi wa Tsure, morena wa setjhabana le wa ntlo e nngwe ya bontata Bamidiane.


Ke wona ao matlo a Basimeone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le makgolo a mabedi.


ba leloko la Simeone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Levi ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Isakare ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos