Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 14:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Nna, Jehova, ke buile; ke tla fela ke etse jwalo phutheho ena yohle e mpe, e mpokanetseng ho ntwantsha; ba tla fella lefeelleng lena; ba tla hle ba timelle teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Nna, Morena, ke buile. Ruri hona ke tla ho etsa ho setjhaba sena sohle se kgopo, se ikopantseng ho ntwantsha. Se tla timella lehwatateng lena, se shwelle teng.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:35
10 Referencias Cruzadas  

Wa fedisa matsatsi a bona hang, le dilemo tsa bona ka tshenyeho e phakisisang.


O ke o itise ka baka la lona, o mamele lentswe la lona. O se ke wa ikgantshetsa lona, hobane le ke ke la o tshwarela boikgantsho ba hao, etswe lebitso la ka le le ho lona.


mme jwalokaha ke ne ke isane nyeweng le bontata lona lefeelleng la naha ya Egepeta, ke tla isana nyeweng le lona jwalo, ho rialo Morena Jehova.


Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?


Hobane Jehova o ne a itse: Ba tla shwela feelleng; mme ho ke ke ha sala leha a le mong, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.


Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.


Ke moo re bonang hore ba ne ba sitwe ho kena ke ho se dumele.


Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos