Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Nahume 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jo! motse wa madi! O tletse bohata le polao kahohle; teng, ha ho leswe ho hapuwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ho madimabe motse o kganathetseng madi, o tletseng thetso, o tletseng le kgapo, motse o sa kgaotseng ho lobela!

Ver Capítulo Copiar




Nahume 3:1
11 Referencias Cruzadas  

Le se ke la tshepa botubo, le se ke la bea tshepo ya lona tlatlapong. Ha le atelwa ke maruo, le se ke la bea dipelo tsa lona ho wona.


Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.


Ha ho sa nowa veine ka ho bina, jwala bo bohale bo fetohile bohloko ho ba bo nwang.


Ke mang ya neetseng Jakobo ho hapelwa, ya lokolletseng Iseraele matsohong a basenyi? Na hase Jehova eo re mo sitetsweng, eo ba hanneng ho tsamaya ka tsela tsa hae, le ho utlwa molao wa hae na?


Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.


Le kae letsaba la tau e neng e harolela madinyane a yona, e fenethela ditau tse tshehadi tsa yona, e be e tlatse maphao a yona nama, e tlatse le matsaba a yona ditopo tse harotsweng?


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla tjhesa makoloi a hao, ke a fetole mosi, mme ditawana tsa hao di tla jewa ke lerumo. Ke tla tlosa kgapo ya hao lefatsheng, mme lentswe la manqosa a hao ha le sa tla utlwahala.


Ho madimabe ya hahang motse ka madi, ya theang motse o matla ka bolotsana!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos