Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Nahume 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Thebe ya dinatla tsa hae e kgubedu; bahale ba hae ba apere sekarelata; ditshepe tsa makoloi di bekenya jwaloka mollo tsatsing leo a rerang makgotla a hae ka lona; ba hlakisa ka marumo a bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Thebe tsa bahlabani ba hae ke tse kgubedu, aparo tsa bona le tsona ke tse kgubedu. Kariki tsa bona tsa ntwa di a tsekema, thekong ya ntwa di tsekema malakabe; ka marumo bahlabani ba a hlakisa.

Ver Capítulo Copiar




Nahume 2:3
13 Referencias Cruzadas  

Hodima yona ho shoromana kgohlopo, ho tsekema tjhaka le lerumo.


O sohlokanngwa ke dikolobe tsa meru, diphoofolo tsa naha di tlile ho hakolela teng!


Esita le tsona dikipresse di thabetse tshenyeho ya hao, le dikedare tsa Lebanone, di re: Haesale o robala, ha ho ya tlileng ho re rema.


Ba ya tla ho wena ka dibetsa le ka makoloi le ka mabidi, le ka letshwele la ditjhaba, ka thebe le thejana le heleme; ba tla o teela hare. Ke tla bea kahlolo pela bona, ba o ahlole ka mokgwa wa bona;


Hobane Morena Jehova o re: Bonang, ke tla lata Nebukadresare, morena wa Babilona, morena wa marena, leboya, ke mo tlise Tire, a tle ka dipere, le makoloi, le bapalami, le setjhaba, le sera se seholo.


Utlwang lerata la diphadi ke lena, le modumo o moholo wa maoto a makoloi, le pere tse kgemang, le makoloi a tlolakang!


Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu.


Bokolla, kiprese, hobane kedare e wele, hobane difate tse phahamileng di sentswe. Bokollang, lona dieike tsa Bashane, hobane moru o sa kenweng o dihilwe!


koloing ya pele, e le pere tse kgunong; koloing ya bobedi, e le pere tse ntsho;


Mohlolo o mong hape wa hlaha lehodimong, e le wa drakone e kgolo, e kgubedu, e nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le meqhaka e supileng dihloohong tsa yona.


Mme ha tswa pere e nngwe e kgunong, mme ya e kaletseng a fuwa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, hore batho ba bolayane, mme a newa lerumo le leholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos