Nahume 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Wena Ninive, o futuhelwa ke ya tla o hasanya; lebela lerako, disa tsela, itiise letheka, o iphe matla a maholo! Ver CapítuloBIBELE1 Sera se a o futuhela, wena Ninife, bea balebedi marakong a tshireletso, bea dihlwela le ditseleng tsa hao; itlame letheka, o hlomelle ntwa, o kgobokanye mabotho wohle a hao! Ver Capítulo |
Jwaloka motho ya lapileng ha a ka lora a eja, mme yare ha a tsoha borokong, a utlwe mala a hae a le feela; kapa jwaloka motho ya nyorilweng ha a lora a enwa, empa ha a tsohile, a utlwa hoba o tepeletse, le moya wa hae o kgathetse ke lenyora, ho tla ba jwalo le bongata ba ditjhaba tsohle tse lwantshang thaba ya Sione.
bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.