Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Nahume 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mehopolo ya lona ke efe bakeng sa Jehova? O tla timeletsa ruri; tlokotsi e ke ke ya hlaha habedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Le rera mano afe a ho lwantsha Morena? O tla le timetsa, le timelle ruri! Sera se ke ke sa mo tsohela matla habedi.

Ver Capítulo Copiar




Nahume 1:9
17 Referencias Cruzadas  

athe Amasa ha a lemohe sabole e ka letsohong le leng la Joabe. Ka yona Joabe a mo hlaba mpeng, a horomeletsa mala a hae fatshe, a se ke a hlaba la bobedi; a shwela teng. Joabe le Abishai ngwanabo ba ntoo phallela Sheba, mora Bikri.


hobane ba o etseditse bolotsana, ba lohile mano, empa ba tla hloka matla;


Jehova o etsa merero ya batho ntho feela; o tshwephola mehopolo ya ditjhaba.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.


o re: Babilona o tla tebela jwalo; a ke a se ke a tsoswa ka baka la kotsi tseo ke tlang ho di tlisa hodima hae. Mantswe a Jeremia a kgutla moo.


Mme nama yohle e tla tseba hoba nna Jehova ke pshemotse lerumo la ka selateng; le ke la kgutlela ho sona.


Morena Jehova o re: Bona, kotsi, kotsi e bohloko e a tla;


Nna ke ba rutile, ke bile ke tiisitse matsoho a bona, athe ba rerile bobe hodima ka.


Ho wena ho tswile ya rerang bobe hodima Jehova, ya eletsang bolotsana.


Re diha ka tsona merero le diphahamo tsohle tse phahamelang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme re hapa mehopolo yohle, e tle e utlwe Kreste.


Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.


Mohlang oo, ke tla hlahisetsa Eli tsohle tseo ke di buileng hodima ntlo ya hae, tsa ho qala le tsa ho qetella.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos