Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 8:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Eitse ha ke sekeha pelo ya ka hore ke tsebe bohlale, mme ke nahana mesebetsi e etswang lefatsheng, ke sa nee mahlo a ka boroko motshehare, leha e le bosiu,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ha ke ntse ke labalabela ho tseba bohlale le ho hlahloba mesebetsi e etswang mona lefatsheng, ka elellwa hore bosiu le motsheare motho ha a robale,

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 8:16
11 Referencias Cruzadas  

Ka etsa jwalo, ke qetwa ke letsatsi motshehare, le ke serame bosiu, boroko bo le siyo mahlong a ka.


Ha ho thuso leha le tsoha le mafube, leha le robala e se e le ka phirimana, leha le ntse le eja bohobe ba kgathatso; Jehova o fa eo a mo ratang, a ntse a robetse.


Ke ntho e tenang eo Modimo o e neileng bana ba batho, hore be ikgathatse ka yona.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Empa eitse ha ke sekamisetsa pelo ya ka tsebong ya hlalefo le tsebong ya bowatla le bothoto, ka lemoha hoba hoo ke mosebetsi o nyopileng;


Hobane matsatsi wohle a hae ke a nang le mahloko, mme mosebetsi wa hae ke o nang le maswabi; esita le bosiu, pelo ya hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.


Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.


Boroko ba motho ya sebetsang bo monate, leha a eja haholo, leha a eja hanyenyane; empa kgora ya morui ha e mo fe boroko.


Yaba ke leka ka pelo ya ka ho tseba le ho botsa le ho batla bohlale le kelello, le ho tseba hoba bokgopo ke bowatla, le bothoto ke bohlanya.


ha a tsebe le hanyenyane se tla etsahala; hobane ya tla mmolella se tla hlaha, ke ha e le mang na?


Ke di bone kaofela tseo, ha ke ne ke ntse ke nahana mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi, le kamoo batho ba renang hodima ba bang kateng ho ba etsa hampe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos