22 hobane pelo ya hao e tseba makgetlo a mangata ao le wena o sebileng ba bang ka wona.
22 Le wena ka pelong o tseba hantle, ke ka makgetlo ba bang le wena o ba rohaka.
Morena a eketsa a re ho Shimei: O tseba bolotsana bohle ba hao, le pelo ya hao e a bo tseba, boo o bo entseng ntate Davida; jwale, Jehova o busetsa bokgopo ba hao hloohong ya hao.
Ha ho le jwalo, se hlokomele mantswe wohle a buwang, esere wa utlwa mohlanka wa hao a o seba;
Tseo tsohle ke di lekotse ka bohlale, ka re: A nke ke be ya hlalefileng! Empa hoo ho sa le hole le nna.
Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;
Ka lona, re ye re boke Modimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsweng ka setshwantsho sa Modimo.