Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ho na le kotsi e bohloko eo ke e boneng tlasa letsatsi: ke leruo le sotofatsang monga lona ya le bokeletseng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng: Motho o bokella leruo le tlise bosoto,

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 5:13
29 Referencias Cruzadas  

A kgutla le maruo kaofela; a ba a kgutla le Lota, ngwanabo, le maruo a hae, a ba a tla le basadi le batho.


Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.


Empa mosadi wa Lota a tadima morao, mme a fetoha seemahale sa letswai.


Erekaha a sa tsebe ho kgolwa kateng ho yena, o tla sitwa ho pholosa seo a se ratang.


Ke yona taba ya bohle ba ineelang leruo, hobane le ja bophelo ba monga lona.


Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.


Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


O se ke wa ikgathatsa ho bokella leruo; tlohela kgopolo ya teng.


Hobane nala hase ya kamehla, le borena ha bo hlolehe kamehla le mehla.


Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.


ruo leo le ye le senyehe ka tsietsi e nngwe; ereha a tswetse mora, ho ke ke ha sala letho letsohong la hae;


Ke di bone kaofela tseo, ha ke ne ke ntse ke nahana mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi, le kamoo batho ba renang hodima ba bang kateng ho ba etsa hampe.


Mohlang oo, motho o tla lahlela dikgwi ti le bommankgane ditshwantsho tsa hae tsa silefera le tsa kgauta, tseo a neng a iketsetsa tsona hore a di kgumamele;


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.


Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos