Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka boela ka re pelong ya ka: Taba di jwalo ka baka la bana ba batho; Modimo o a ba leka, hore ba bone hoba ba ntse ba tshwana le diphoofolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ka boela ka bua ka pelo, ka re: “Modimo o bea batho tekong, hore ba tle ba lemohe hore ba tshwana le diphoofolo.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 3:18
16 Referencias Cruzadas  

haholoholo o ka sitwa ho tshepa motho ya manyala, ya senyehileng, ya nwang bokgopo jwaloka metsi.


Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?


Empa motho, hara bokgabane ba hae, ha a hlole kamehla; o tshwana le diphoofolo tse hlajwang.


Ba soteletswa jwaloka dinku nqalong ya bafu, moo lefu e tla ba modisa wa bona; ka hosasa, ba lokileng ba tla bewa marena a bona; bokgabane ba bona bo ya fela, nqalo ya bafu ke moo ba tla aha teng.


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


ke ne ke le letlaopa le sa tsebeng letho, ke ne ke le jwaloka phoofolo pela hao.


Ho se be jwalo! Nnete e be ya Modimo, mme batho bohle ba be leshano, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O tle o fumanwe o lokile dipolelong tsa hao, mme o tle o hlole mohla o ahlolwang.


hore o tumise monono wa kganya ya wona ka dipitsa tsa kgauhelo, tseo o neng o di lokiseditse kganya esale pele?


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


Hobane nama yohle e jwaloka jwang, mme kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo ye bo omelle, mme palesa ya jona e we;


Empa bao, ba leng jwaloka diphoofolo tse se nang kelello, tse nang le bophelo ba nama feela, tse hlahileng hore di tshwarwe mme di hlajwe, ha ba ntse ba nyefola tabeng tseo ba sa di tsebeng, ba tla timela ho boleng ha bona, ba inkele moputso wa bokgopo jwa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos