Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 10:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Qalo ya mantswe a molomo wa lona ke bothoto, mme qetello ya puo tsa lona ke bohlanya bo senyang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 ha se bua se ye se qale ka ho phorohla, se qetelle ka ho pota sa motho wa mapokaetsi.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 10:13
25 Referencias Cruzadas  

Jwale, banna bohle ba Iseraele ba tla ho morena, ba re ho morena: Na banna ba Juda, bao e leng banababo rona, ba o utsweditseng ho rona, ba bile ba tshedisitse morena le ba ntlo ya hae, le banna bohle ba Davida Jordane?


A re: Ha Jehova a sa o pholose, nna ke tla o pholosa jwang? Na ekaba ke ka se tswang seotlong, kapa sehatelong na?


A re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha hlooho ya Elisha, mora Shafathe, e sa dula hodima hae kajeno!


Motho ya masene o etsa tsohle ka tsebo; empa ya lewatla o tsebahatsa bowatla ba hae.


Motho ya bohlale ha a tseka le lehlanya, a ke ke a bona kgotso, leha a halefa, leha a tsheha.


Sethoto se atisa mantswe, kanthe ha ho motho ya tsebang se tla hlaha, se tla etsahala kamora hae. Ya ka mo senolelang sona ke ha e ka ba mang?


O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae;


Yaba ke leka ka pelo ya ka ho tseba le ho botsa le ho batla bohlale le kelello, le ho tseba hoba bokgopo ke bowatla, le bothoto ke bohlanya.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


Empa mofarisi a makala, ha a bona hobane ha a ka a itlhatswa, ha ho tla jewa.


Ba tlala bohale, mme ba rera hammoho seo ba tla se etsa ho Jesu.


Bafarisi ba bang ba re ho bona: Le etsetsang ho sa dumellwang ho etswa ka Sabatha?


Baprista ba baholo ba mpa ba rera hammoho ho bolaya le yena Lasaro.


Eitse ka la bosupa, ba re ho mosadi wa Samsone: Qeka monna wa hao, hore a re hlalosetse selotho; ha ho se jwalo, re tla o tjhesa, wena le ntlo ya ntatao. Hleka le re bileditse kwano hore le re tlatlape tsa rona, kapa ha ho jwalo na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos