Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha tshepe e le botswa, e sa leotswe, ya sebetsang ka yona o tshwanetse ho etsa ka matla; bohlale bo ka tsosetsa motho masene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ha selepe se le nthithi, se sa leotswe, eka kgona moratha-patsi a be sefea; athe setsebi se thuswa ke bohlale ba sona.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 10:10
20 Referencias Cruzadas  

O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Ho bana ba Issaskare, ba neng ba ithutile ho kgetha dinako ho tseba seo Baiseraele ba tshwanetseng ho se etsa, ha tla mahosana a bona a makgolo a mabedi, hammoho le banababo wona kaofela ba leng taolong ya wona.


Ha noha e loma e eso ho upellwe, ya e upellang ha a sa na thuso.


Mosebetsi wa mawatla o a a kgathatsa, hobane ha a tsebe le hanyenyane ho kgetha tsela e isang motseng.


Ya suthisang majwe o tla pitlwa ke wona; ya rathang patsi o tla tswa kotsi.


Mme ka bona hobane bohlale bo molemo ho ena le bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho ena le lefifi.


Bohlale bo molemo ho ena le dihlomo, empa moetsadibe a le mong o senya monono o mongata.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Empa ho utlwa ha lona ho tsebilwe ke bohle; ke le thabela ke hona, empa ke rata ha le ka ba bohlale botleng, mme le be dithoto bobeng.


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


Ha ke leotsa lerumo la ka le benyang, mme letsoho la ka ha le tshwara kahlolo, ke tla iphetetsa ho dira tsa ka, ke busetse ho ba ntlhoileng.


Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos