Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 8:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yaba o re ho bona: Hleka lona le re ke mang? Petrose a araba, a re ho yena: O Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 A ba botsa, a re: “Empa lona le re nna ke mang?” Petrose a re ho yena: “O Kreste.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 A re ho bona: Empa lona le re ke mang? Petrose a araba, a re ho yena: O Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 A re ho bona: Empa lona le re ke mang? Petrose a araba, a re ho yena: O Kreste.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 8:29
13 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;


A re ho bona: Lona, le re ke mang? Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste wa Modimo.


Yena a re ho Jesu: E, Morena, ke a dumela hobane ke wena Kreste, Mora wa Modimo, eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.


Ba ne ba re ho mosadi: Ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao; hobane re ikutlwetse, mme re a tseba hobane enwa ke Kreste ruri, Mmoloki wa lefatshe.


Yaba Simone Petrose o mo araba, a re: Morena, re ka ya ho mang? ke wena ya nang le mantswe a bophelo bo sa feleng.


Mme re dumetse, ra ba ra tseba hobane ke wena Kreste, Mokgethwa wa Modimo!


Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na?


A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.


Efela e le la bohlokwa ho lona ba dumetseng; empa, haele ho ba sa dumelang, lejwe le lahlilweng ke bahahi le fetohile ntlha ya motheo, le lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang.


E mong le e mong ya bolelang hore Jesu ke Mora wa Modimo, Modimo o dutse ho yena, mme le yena o dutse ho Modimo.


E mong le e mong ya dumelang hobane Jesu ke Kreste, o tswetswe ke Modimo; mme e mong le e mong ya ratang motswadi, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos