Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 5:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yaba hang, madi a hae a kgaotsa ho phalla, mme a ikutlwa mmeleng wa hae hobane bohloko ba hae bo fodile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa, mme a ikutlwa hore bohloko ba hae bo fodile.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Yaba sediba sa madi a hae sa psha hanghang; mme a utlwa mmeleng hore o fodile lefung leo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Yaba sediba sa madi a hae sa psha hanghang; mme a utlwa mmeleng hore o fodile lefung leo.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:29
14 Referencias Cruzadas  

Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa ho le phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotsetsa lefatsheng la metse ya bona; leha ho hlahile lefu le befang, leha e le pabo efe le efe;


Ke yena ya tshwarelang makgopo a hao wohle, ya fodisang malwetse a hao kaofela.


a romela lentswe la hae, a ba fodisa, a ba ntsha mabitleng a bona.


O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.


Jehova, Modimo wa ka, ka na ka howa ho wena, mme o mphodisitse.


a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


Empa ekare ha moprista a kgutlela, mme a bona hoba letheba ha le a ka la thopohela leboteng la ntlo, ha e se e batehilwe, moprista o tla bolela hore e hlwekile, hobane letheba le fedile.


Ekare ha monna a robala le mosadi ya idileng, a apola bofeela ba hae, mme a pepesa mohlapo wa hae, le yena mosadi a pepesa letlang la hae, ba tla tloswa ba babedi hara setjhaba sa habo bona.


Jwale, mosadi ya neng a ntse a kgathatswa ke phallo ya madi, dilemo di se di le leshome le metso e mmedi, a mo hlaha kamorao, a ama qola ya kobo ya hae.


Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.


hobane o ne a re: Leha nka ama kobo ya hae feela, ke tla pholoha.


Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.


Ka yona nako eo, Jesu o ne a fodisa ba bangata malwetse, le mafu a bona, le meya e mebe, mme ba bangata ba neng ba foufetse o ne a ba sitsa ka pono.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos