Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 4:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Hobane lefatshe le imedisetsa dijo ka ho etsa ha lona: pele ke lekgaba; hamorao ke qwapi, hamorao ke dihlaku tse butswitseng qwaping;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Mobu ka bowona o medisa dijalo: pele ke lekgaba, e be qwapi, e tlo ba matshohlo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Hobane lefatshe le beha ditholwana ka bolona; pele e be lekgaba, e be seako, hamorao koro e tletseng seakong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Hobane lefatshe le beha ditholwana ka bolona; pele e be lekgaba, e be seako, hamorao koro e tletseng seakong.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:28
19 Referencias Cruzadas  

Jehova Modimo a medisa lefatsheng difate tsohle tse kgahlisang mahlo, tse monate ha di jewa, mme hara tshimo a medisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.


Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.


Ntho e nngwe le e nngwe e na le sebaka sa yona, mme nako e teng ya tsohle tse etswang tlasa letsatsi:


O entse tsohle di le ntle nakong ya tsona; o bile o beile lefatshe lohle pela bona hore ba lemohe ditaba tsa lona; leha ho le jwalo, ha ho motho ya utlwisisang mesebetsi e entsweng ke Modimo, ho qala qalong ya yona ho isa qetellong ya yona.


Hobane jwalokaha lefatshe le medisa dimela tsa lona, le jwaloka tshimo ha e medisa tse jadilweng ho yona, ho jwalo Morena Jehova o tla medisa ho loka le dithoko pontsheng ya ditjhaba kaofela.


A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.


Mme koro ha e se e hlahisitse lekgaba, e se e tswetse, mofoka le wona wa bonahala.


Leha a ka robala, leha a ka tsoha, motshehare le bosiu, peo e nne e mele, e be e hole, kamoo a sa tsebeng kateng.


mme dijo ha di butswitse, a phakise a kenye sekele; hobane kotulo e fihlile.


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos