Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 15:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Pilato a re ho bona: Na o entse bobe bofe? Jwale ba totisa ho howa, ba re: Mo thakgise!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Pilato a re ho bona: “Empa o entse bobe bofe?” Ba eketsa ho howa, ba re: “Mo thakgise!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Pilato a re ho bona: O entse bobe bofe? Mme ba eketsa ho howa, ba re: Mo thakgise!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Pilato a re ho bona: O entse bobe bofe? Mme ba eketsa ho howa, ba re: Mo thakgise!

Ver Capítulo Copiar




Mareka 15:14
24 Referencias Cruzadas  

Ba ntlhoileng feela ba bangata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka; bao e leng dira ho nna feela, ba ratang ba ka mpolaya, ba matla haholo; ke lefiswa le seo ke sa se utswang.


O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.


O beilwe lebitleng le ba babe, empa o bile a ba le morui lefung la hae, kahobane ha a ka a senya letho, mme bokgopo ha bo a ka ba eba teng molomong wa hae.


Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.


a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.


Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!


Yaba ba boela ba howa, ba re: Mo thakgise!


Mme kahobane Pilato a ne a rata ho kgahlisa bongata, a ba lokollela Barabase, mme eitse hobane a shape Jesu, a mo neela ho thakgiswa.


Empa ba eketsa ho howa, ba re: Mo thakgise! Mo thakgise!


Pilato a bolella baprista ba baholo le bongata, a re: Ha ke fumane molato ho motho eo.


Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.


Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!


Pilato a re ho yena: Nnete ke eng? Eitse hobane a rialo, a boela a tswela ho Bajuda, a re ho bona: Haele nna, ha ke bone molato ho yena, leha o le mong.


Empa baprista ba baholo le bahlanka, yare ha ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise! mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo thakgise; hobane nna ha ke fumane molato ho yena.


Leha ba sa ka ba fumana ho yena molato o tshwanetsweng ke lefu, ba qela ho Pilato hore a bolawe.


Empa yare ha ba bona hobane ke Mojuda, ba howa kaofela ka lentswe le le leng, ka hora tse batlileng ho ba pedi, ba re: O moholo Diana wa Baefese!


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekodi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos