Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 14:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 A tla la boraro, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe! Ho a lekana; hora e tlile. Bonang, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Ha a kgutlela ho bona kgetlo la boraro, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Ho lekane. Nako e fihlile. Bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 A tla kgetlo la boraro, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, le phomole; ho lekane; bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 A tla kgetlo la boraro, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, le phomole; ho lekane; bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 14:41
23 Referencias Cruzadas  

Motshehare o moholo, Elia a ba soma, a re: Howeletsang haholo; hobane ke modimo; ekaba o imametse, kapa o ile nqa e nngwe, kapa o etile, kapa o robetse, o tshwanetse ho tsoswa.


Yaba o fihla ho morena; morena a re ho yena: Mikea, ana re tla ya lwantsha Ramothe-Gileade, kapa re lese na? Yena a re: Nyoloha, o atlehe; Jehova o tla o neela matsohong a morena.


Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.


Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.


Judase Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ya ho baprista ba baholo, a tle a ba neele Jesu.


Ha ba dutse ba eja, Jesu a re: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona, ya jang le nna, o tla nkeka.


A ya pejana, a wela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etswa, hora eo e mo fete.


Eitse hobane a kgutle, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima; ba ne ba sa tsebe seo ba ka mo arabang sona.


Emang, a re yeng; bonang, ya nkekang o se a le haufi.


A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.


Hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho; ba tla mmolaya, mme hobane a bolawe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.


Jesu a ba araba, a re: Nako e tlile eo Mora motho a tla tlotliswa ka yona.


Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.


Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena;


Yaba ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang letsoho ho yena, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.


Jesu a bolela taba tseo polokelong ya letlotlo, a ruta tempeleng; mme ha ho a ka ha eba motho ya mo tshwarang, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


Eyang, le howeletse ho medimo eo le ikgethetseng yona, e ke e le namolele nakong ena ya tsietsi ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos