Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 13:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka maru, ka matla a maholo le ka kganya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 “Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le marung, ka matla a maholo le ka tlotla.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka maru ka matla a maholo le kganya.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka maru ka matla a maholo le kganya.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 13:26
15 Referencias Cruzadas  

Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.


Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Jesu a re: Ke yena; mme le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, a etla ka maru a lehodimo!


Hobane ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka ditaba tsa mohla a tlang ka kganya ka, pela moloko wona o mofebi, o moetsadibe, le yena Mora motho o tla mo hlabelwa ke dihlong, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae hammoho le mangeloi a halalelang.


Le hona a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ba bang ba teng ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.


Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka leru, ka matla le ka kganya e kgolo.


ba re: Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.


Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos