Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 13:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa mehleng eo, kamora mahlomola ao, letsatsi le tla fifala; kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 “Empa matsatsing ao, kamorao ho ditlokotsi tsena, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Empa matsatsing ao, kamora mahlomola ao, letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Empa matsatsing ao, kamora mahlomola ao, letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 13:24
20 Referencias Cruzadas  

Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.


Ka baka la ntho tseo, lefatshe le tla lla, mahodimo a hodimo a fifale, hobane ke boletse seo ke se hopotseng, mme ha ke fetohe; nke ke ka sutha teng.


Mohla ke o timang, ke tla kwahela mahodimo, ke fifatse dinaledi tsa wona; letsatsi ke tla le kwahela ka leru, mme kgwedi ha e sa tla hlahisa ngwedi ya yona.


Mehleng eo, Mikaele, kgosana eo e kgolo, e emelang bara ba setjhaba sa heno, o tla hlaha, mme matsatsi a matswalo a tla ba teng, ao a jwalo a esong ho be teng esale ditjhaba di hlaha, ho tla fihla nakong eo; empa mehleng yona eo, setjhaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngodilweng bukeng.


Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa.


Pela setjhaba seo lefatshe le a thothomela, le mahodimo a sisinyeha; letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di timetsa kganya ya tsona.


Letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di honyetsa phatsimo ya tsona.


Ha ke re, tsatsi la Morena e tla ba lefifi, e seng lesedi; botsho ba bosiu, e seng lesedi la motshehare?


Lona, le iponele. Bonang, ke le boleletse tsohle pele.


Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.


le ntse le lebeletse, mme le akofisa ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla fediswa ke ho tjha ka lona, mme metheo e tla qhibidiha ke ho tjha!


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos