Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 10:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Jesu a ba shadima, a re: Ke ntho e sitang batho, empa ha e site Modimo; hobane Modimo tsohle o ka di etsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Jesu a ba tadima, mme a re: “Hona ho sita batho, e seng Modimo, hobane Modimo ha a sitwe ke letho.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Jesu a ba tadima, a re: Ho batho ho ka sitwa, empa e seng ho Modimo, hobane ho Modimo tsohle di a kgoneha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Jesu a ba tadima, a re: Ho batho ho ka sitwa, empa e seng ho Modimo, hobane ho Modimo tsohle di a kgoneha.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 10:27
15 Referencias Cruzadas  

E nyenyane taba ena mahlong a Jehova: hape, o tla be a neele le Bamoabe matsohong a lona.


Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Ke a tseba hobane ha o sitwe ke letho, le hoba ha ho morero oo o ke keng wa o phetha.


Oho Morena Jehova, bona, ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng; ha ho letho le ka o sitang.


Bona, ke nna Jehova, Modimo wa nama yohle; na ntho e ka ba teng e ntshitang na?


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Leha taba eo e ka ba thata mahlong a masala a setjhaba sena, matsatsing ao, na le mahlong a ka e ka ba thata, ho botsa Jehova wa makgotla?


Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Modimo ha o sitwe ke letho.


Jwale ho tsota ha bona ha eketseha; ba botsana, ba re: Homme ho ka bolokeha mang?


Hobane ha ho letho le ke keng la etswa ke Modimo.


Jesu a re: Tse sitang batho ha di site Modimo.


ya tlang ho fetola mmele ya rona e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le mmele wa hae o kganyang, ka tshebetso eo a ka tsebang ka yona le ho ipeela dintho tsohle katlasa hae.


A lekanya hoba Modimo o ka tseba ho tsosa mora wa hae bafung; mme efela o boetse a mo rua ka mokgwa o kang wa tsoho.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos