Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 6:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Na le mpiletsang Morena! Morena! kanthe ha le etse tseo ke di bolelang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

46 “Le mpitsetsang ‘Morena, Morena,’ athe ha le etse tseo ke di bolelang?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

46 Le mpiletsang, Morena, Morena, mme le sa etse tseo ke di bolelang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

46 Le mpiletsang, Morena, Morena, mme le sa etse tseo ke di bolelang?

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:46
9 Referencias Cruzadas  

Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?


Barwetsana ba bang ba ntoo fihla, ba re: Morena, Morena, re bulele!


Ya neilweng talenta e le nngwe le yena a tla, a re: Morena, ke o tsebile hobane o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa hasa peo teng.


Ke moo le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re kileng ra o bona o lapile, leha o nyorilwe, leha o le moeti, leha o hlobotse, leha o baba, leha o le teronkong, mme re sa ka ra o thusa?


Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.


Le be baetsi ba lentswe, e seng bautlwi feela ba ithetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos