Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 6:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 fanang, mme le tla fuwa; le tla felwa sefubeng ka tekanyo e kgolo, e hlohlilweng, e katilweng, e tsholohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanngwa ka yona le lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

38 fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

38 Fanang, mme le tla fuwa; selekanyo se se molemo, se se katetsweng, se se tshikhinyeditsweng, se se penologang, batho ba tla se naya mo dihubeng tsa lona. Hobane kelo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona hape.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Fanang, mme le tla fuwa; selekanyo se se molemo, se se katetsweng, se se tshikhinyeditsweng, se se penologang, batho ba tla se naya mo dihubeng tsa lona. Hobane kelo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona hape.

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:38
29 Referencias Cruzadas  

Mohlanka wa hao a ka mpa a tshela Jordane feela le morena, hobane ke haele hofe hoo morena a ka mputsetsang hona ka moputso o kalo na?


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


Mme yanayare mohla Esthere a tlang pela morena, a laela ka mangolo hore morero o mobe o rerilweng ke Hamane wa ho lwantsha Bajuda, o busetswe hloohong ya hae, mme a fanyehwe sefateng, e le yena le bara ba hae.


Yaba banababo bohle, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle bao a neng a tsebana le bona pele, ba tla ho yena, ba ja le yena ka tlung ya hae, ba hlakola meokgo ya hae, ba mo tshedisa hodima bohloko bohle boo Jehova a neng a bo tlisitse hodima hae; e mong le e mong a mo nea sekoto sa silefera le lesale la kgauta.


Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!


leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto,


Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.


Ya hauhelang mofumanehi o adimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.


Motho ya fanang o tla hlohonolofatswa, kahobane o sitsa mofutsana ka bohobe ba hae.


O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.


E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


A boela a re ho bona: Elang seo le se utlwang hloko. Tekanyo eo le lekanyang ka yona, le lona le tla lekanngwa ka yona; mme ho tla phaellelwa lona ba utlwang.


Nea e mong le e mong ya qelang ho wena, mme ha motho a o hlakotse tsa hao, o se ke wa boela wa di lata ho yena.


O mo fe hle, mme pelo ya hao e se belaele ha o mo fa; hobane ka baka la taba eo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa mesebetsing ya hao yohle, le ditabeng tsohle tseo o tla bea matsoho a hao ho tsona.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos